
o sa tla khutla - letshohlajr lyrics
verse 1
lerato le felile, le thoto o sa e pakile
meokho e se hlakohile, mahlong o sa hlalefile
empa, litoro tsaka o li hatile
merero eaka e felile, pelo eaka o e robile
empa, hela ke monna ke lesole
keo a hata kosene a re enoa o tla bann’a bone
he nka, se ka siea siea thoto lebaleng
ke bue le bo-malome he khutlele sakeng
empa, kea tseba o tla ‘ne o nhopole
o thapisa maoto fela, o ska bo s’o khutla hole
empa, ke ntse ko rata le haole joalo
le ha o nsiea ke le mong he o njarisa moroalo
lula fats’e re lukise litaba
tsel’a lerato hae bonolo, ena e meutloa ea hlaba
e robatsa monna ka tlala, naha thote gauteng
mesing koana hole le bana ntse ba hafa ka nkatana
empa, ko rapetse ke lekile
ke entse tsohle tse matleng, empa le joale o ntso sehile
empa, bonyane o hopola lapeng
he, tse bohloko ha li fele, meokho e theoha marameng
empa…
chorus -2
le pele moo o eang koana lina le baji
o sa tla khutla
o sa tla khutla
o khutlele lapeng ee
bridge
kapa re bitse bo malome iyeyeye
ha li boele sakeng ee
o khutlele lapeng ee
verse 2
e sale o ea lemo se se bile se fela
e sale ke sheba ka festere ke nahana ke tla bona oena
masiu a ntsa palama, letsatsi le phahama le oela
hoseng ke tsoha ke hlorile, bosiu he ‘na kea hatsela
lijo ha li sana monate e sale o nyamela
bosiu he ‘na kea rapela ntse ke ts’epa o tla ‘mamela
pelo eaka e utloile bohloko o tsamaile o sa nts’oarela
bo-malome ne ba le teng ba li lata ka ba hanela
monyako ha kea notlela, kea ts’epa o tla nchakela
litorong ke tla leboha, le ha nka bona oena fela
ts’epo eaka e ntse ea e fela
kea tseba ke ‘na ea phoso, sefapano he kea itjarela
ka mahetla kea itsamaela
kea ts’epa hohle moo teng thapelo eaka o tla e mamela
lerato la hao ha lea fela, ketso tsaka oa li ts’oarela
pelong ea hao ke ‘na fela, bosiu o bona ‘na fela
hae e mpebe o tla khutlela , pelo eaka ea o hloloheloa
bridge
kapa re bitse bo malome iyeyeye
ha li boele sakeng ee
o khutlele lapeng ee
chorus -4
le pele moo o eang koana lina le baji
o sa tla khutla
o sa tla khutla
o khutlele lapeng ee
outro
ha li boele sakeng ee…
Random Song Lyrics :
- kan mektab - l7or الحر lyrics
- dames a dime a dozen - shilpa ray lyrics
- drug racing - skylightplug lyrics
- sunshine - kyle lyrics
- on wax - friyie lyrics
- hail mary - quilly lyrics
- томатный (tomato) - энди картрайт (andy cartwright) lyrics
- positive - fiyablasta lyrics
- #ofpe - cg6 lyrics
- not your barbie girl (cover) - cecilia jane lyrics