
ke tlo fihla - maleh lyrics
a mpopa molimo
a mpha oa hae moya o halalelang
a nthoma lefatseng lena
ka morero le sepheo
ka mohau a mpha batswali ba lerato
ke motlotlo ka bona
ba mpontsa tsela
ba ntataisa
ba ntsupisa moo nnete e leng teng
ba re ho nna
o tlo fihla
o tlo fihla
moo o eang teng
ba re ho nna
le nna
ke tlo fihla
moo ke eang teng
le nna le nna ke tl’o fihla moo ke eang teng
ke ne ke sa tsebe hore mona ke lefatseng
masisapelo, a hlasela o sa lebella
ke ne ke sa tsebe hore mona ke lebaleng la ntoa
le hloloang feela, ke lerumo la moya
ho fumana pholoso
ke ho latela la hae lentswe
le reng:
“ke nna tsela, le nnete, le bophelo”
mefokolong ea ka o mpha matla
mohau oa hao o’a ntatela
lefifing ke eena khanya e reng:
le nna, le nna ke tlo fihla moo ke eang teng
Random Song Lyrics :
- lalala-lalala-lalalala-lalala - mudimbi lyrics
- boter en azijn - nick & simon lyrics
- lonely nights - itzdxr lyrics
- corrido del bronco - chalino sánchez lyrics
- otra vida - seba wonder lyrics
- stand by me, stand by you - hiraidai (平井 大) lyrics
- simple and romantic - alan walker lyrics
- xti - ddeadboi lyrics
- могло быть иначе (it could be different) - eftilz lyrics
- drive - austin possum lyrics