lirik lagu tlatlamacholo – kommanda obbs
[chorus]
rammoloki, tlatlamacholo
ke hoelehetsa lebitso la hao ka ts’epo e sa thekeseleng
tlatlamacholo rammoloki
tlatlamacholo oena ramaseli
ke hoelehetsa lebitso la hao ka ts’epo e sa thekeseleng
ooo…
tlatlamacholo rammoloki
tlatlamacholo oena ramaseli
[verse 1]
ke utloa ke tlalloa ke meookho
ke utloa ke tlalloa ke likhapha ka mahlong
ha ke hopola tsela eo ke e tsamaileng
‘la ‘nna ka ba ea ka liboko
ke la ‘nna ka itia pela lira ka tela tse ileng
tsa nqala fats’e tsa ntsekisa lihlomo
empa ke nna enoa ntse ke eme
ka molimo, le ‘tsatsing lena ntse ke eme
ba ntiisitse pelo ba re ba ea ‘nyahamisa
ha ba hlabani se ke kene
le kajeno la ka ‘makajeno ‘ntse ke eme
tlatlamacholo ka bohlale ba hao ntse ke eme
[chorus]
rammoloki
tlatlamacholo uena ramaseli
ke hoelehetsa lebitso la hao ka ts’epo e sa thekeseleng
tlatlamacholo, rammoloki
tlatlamacholo, uena ramaseli
ke hoelehetsa lebitso la hao ka ts’epo e sa thekeseleng
ooo…
tlatlamacholo rammoloki
tlatlamacholo oena ramaseli
[verse 2]
‘atla li maroba li robokiloe keng?
li robokiloe hobane o re bopile
ligaka li machoba li kolokile keng?
hobane u li rutile
hee ho oena re kokotile ntate
re kokotile
ntate u re utloile
u rarolletse li qaka u li tolokile
kajeno re phela re lokolohile
ke rona bana ‘ntse re eme
ka molimo le ‘tsatsing lena ‘ntse re eme
ka oena mojari oa lits’ito tsa batho
le ‘tsatsing lena ‘ntse re eme
le kajeno la ‘makajeno ‘ntse re eme
tlatlamacholo ka bohlale ba hao ‘ntse re eme
[chorus]
ooo…
tlatlamacholo uena ramaseli
ke hoelehetsa lebitso la hao ka ts’epo e sa thekeseleng
tlatlamacholo rammoloki
tlatlamacholo uena ramaseli
ke hoelehetsa lebitso la hao ka ts’epo e sa thekeseleng
ooo…
tlatlamacholo rammoloki
tlatlamacholo uena ramaseli
lirik lagu lainnya :
- kumpulan lirik lagu the dawn › lirik lagu useless innovation – the dawn
- kumpulan lirik lagu tim knighton › lirik lagu hold on – tim knighton
- kumpulan lirik lagu da fate ae › lirik lagu another lonely day – da fate ae
- kumpulan lirik lagu duran duran › lirik lagu my own way (manchester square demo) – duran duran
- kumpulan lirik lagu theliberator › lirik lagu murda – theliberator
- kumpulan lirik lagu dada › lirik lagu still love you – dada
- kumpulan lirik lagu sammi sanchez › lirik lagu pum pum – sammi sanchez
- kumpulan lirik lagu aerith › lirik lagu the uprising – aerith
- kumpulan lirik lagu max gazze › lirik lagu casi ciclici – max gazzè
- kumpulan lirik lagu the melismatics › lirik lagu lost the feeling – the melismatics