lirikcinta.com
a b c d e f g h i j k l m n o p q r s t u v w x y z 0 1 2 3 4 5 6 7 8 9 #

lirik lagu rato la ka – s’nazo

Loading...

rato la hao
le mofuthu, le a tuka
le kgutsisa difefo moyeng wa ka

le tlisa kgotso pelong ya ka
ke rata ho ratwa ke wena

o a rateha mahlong a ka
o molemo bophelong ba ka
matsohong a hao ke fumana ph0m*lo
bosiu ke lora dirurubele

jo nna we! jo nna we!
ke rata motho
helang bo! helang bo!
o hlola pelo ya ka

rato la ka
ke wena feela
pelong ya ka
ho busa wena fela

ke rata tsela eo o ntshwarang ka yona
ha o ntshuna teng ke bona dinaledi
monate wa hao ke wa mahe a dinotshi
o nkga monate ekare o dipalesa

bokamoso ba rona ke o tshepela bona
mafifing a bosiu ke tsetselela wena
ka tjheseho etsa thato ya hao ka nna
sa ka ke sa hao, ikgotsofatse ka nna

jo nna we! jo nna we!
ke rata motho
helang bo! helang bo!
o hlola pelo ya ka

rato la ka
ke wena feela
pelong ya ka
ho busa wena feela

lirik lagu lainnya :

YANG LAGI NGE-TRENDS...

Loading...